1 Diketsahalo 4:30-40 BIBELE (SSO89SO)

30. le Bethuele, le Horema, le Sikelage,

31. le Bete-Marakabote, le Hasere-Susime, le Bete-Biri, le Shaaraime. Ena e bile metse ya bona ho fihlela pusong ya Davida.

32. Metsana e ba potapotileng e ne e le Etame, le Aine, le Rimone, le Tokene, le Ashane, e ne e le metsana e mehlano,

33. le metsana yohle e neng e potapotile metse eo, ho ya fihla Baalate. Ena ke yona metse eo ba neng ba phela ho yona.

34. Lenane la tlhatlhamano ya bona ke lena: Meshobabe, le Jameleke, le Josha, mora wa Amasiya,

35. le Joele, le Jehu, mora wa Joshibiya, setloholo sa Seraya, setloholwana sa Asiele;

36. le Eleunai, le Jaakoba, le Jeshohaya, le Asaya, le Adiele, le Jesimiele, le Benaya,

37. le Sisa, mora wa Shifi, setloholo sa Alone, ya tswetsweng ke Jedaya, Jedaya yha tswetsweng ke Shimeri, Shimeri ya tswetsweng ke Shemaya.

38. Banna bana ba boletsweng kahodimo e ne e le mahosana a merabe yabo bona. Malapa abo bona a ata.

39. Ba nna ba tsamaya ho ya fihla kantle ho meedi ya Gedore, le ho ya fihla botjhabela ho kgohlo, ba ntse ba batlela mehlape ya bona makgulo.

40. Ba fumana makgulo a matle, a nonneng, le naha e namileng, e nang le kgotso, e kgutsitseng. Baahi ba yona ba pele e ne e le Bahame.

1 Diketsahalo 4