22. le Jokime, le baahi ba Koseba, le Jowashe, le Sarafa, e leng ba neng ba busa Moabe le Jashobi-Leheme. Tsena di tswa dingodilweng tsa boholoholo.
23. Bana e ne e le dibopi tse neng di ahile Netaime le Kedera, di sebeletsa kgosi.
24. Bana ke bara ba Simeone: Nemuele, le Jamine, le Jaribe, le Sera, le Shaule.
25. Shaule a tswala Shalome, Shalome a tswala Mibesame, Mibesame a tswala Mishema.
26. Bara ba Mishema ke Hamuele, Hamuele a tswala Sakure, Sakure a tswala Shimei.
27. Shimei o ne a ena le bara ba leshome le metso e tsheletseng, le baradi ba tsheletseng, empa bana babo ba ne ba se na bana; ka lebaka lena morabe wa bona wa se ke wa ata jwaloka morabe wa Juda.
28. Ba ne ba ahile Beeresheba le Molada, le Hasere-Shuale,
29. le Bileha, le Eseme, le Tolada,
30. le Bethuele, le Horema, le Sikelage,
31. le Bete-Marakabote, le Hasere-Susime, le Bete-Biri, le Shaaraime. Ena e bile metse ya bona ho fihlela pusong ya Davida.
32. Metsana e ba potapotileng e ne e le Etame, le Aine, le Rimone, le Tokene, le Ashane, e ne e le metsana e mehlano,
33. le metsana yohle e neng e potapotile metse eo, ho ya fihla Baalate. Ena ke yona metse eo ba neng ba phela ho yona.