1 Diketsahalo 4:22-29 BIBELE (SSO89SO)

22. le Jokime, le baahi ba Koseba, le Jowashe, le Sarafa, e leng ba neng ba busa Moabe le Jashobi-Leheme. Tsena di tswa dingodilweng tsa boholoholo.

23. Bana e ne e le dibopi tse neng di ahile Netaime le Kedera, di sebeletsa kgosi.

24. Bana ke bara ba Simeone: Nemuele, le Jamine, le Jaribe, le Sera, le Shaule.

25. Shaule a tswala Shalome, Shalome a tswala Mibesame, Mibesame a tswala Mishema.

26. Bara ba Mishema ke Hamuele, Hamuele a tswala Sakure, Sakure a tswala Shimei.

27. Shimei o ne a ena le bara ba leshome le metso e tsheletseng, le baradi ba tsheletseng, empa bana babo ba ne ba se na bana; ka lebaka lena morabe wa bona wa se ke wa ata jwaloka morabe wa Juda.

28. Ba ne ba ahile Beeresheba le Molada, le Hasere-Shuale,

29. le Bileha, le Eseme, le Tolada,

1 Diketsahalo 4