1 Diketsahalo 4:15-21 BIBELE (SSO89SO)

15. Bana ke bara ba Kalebe, mora wa Jefune: Iru, le Ela, le Naame. Mora wa Ela ke Kenase.

16. Bana ke bara ba Jehalelele: Sife, le Sifa, le Tiriya, le Asarele.

17. Bana ke bara ba Esera: Jetere, le Merede, le Efere, le Jalone, Merede a nyala Bitiya, moradi wa Faro, mme a mo tswalla moradi ya bitswang Meriama, le bara ba babedi, Shamai le Jisheba. Jisheba ke yena mothei wa Eshetemoa.

18. Mosadi wa hae wa Mojuda a tswala Jerede ya ileng a thea Gedore, le Hebere ya ileng a thea Soko, le Jekutiele ya ileng a thea Sanowa.

19. Bara ba mosadi wa hae Hodiya, kgaitsedi ya Nahama, ke Keila wa Mogarimi, le Eshetemoa wa Maaka.

20. Bara ba Shimone ke Amanone, le Rina, le Bene-Hanane, le Tilone. Bara ba Ishi ke Sohete, le Bene-Sohete.

21. Bana ke bara ba Shela, mora wa Juda: Ere ya ileng a thea Leka, le Lada ya ileng a thea Maresha, le ba merabe ya ba neng ba etsa masela a lene, mane Bete-Ashebea,

1 Diketsahalo 4