1. Bana ke bara ba Juda: Perese, le Heserone, le Karimi, le Hure, le Shobale.
2. Reaya, mora wa Shobale, a tswala Jahate, Jahate a tswala Ahumai le Lahade. Ena ke yona merabe ya Basora.
3. Bana ke bara ba Etame: Jesereele, le Jishema, le Jidebashe. Lebitso la kgaitsedi ya bona ke Haseleleponi.
4. Penuele a tswala Gedore. Esere a tswala Husha. Bana ke bona bara ba Hure, letsibolo la Eferata, ya ileng a thea Betlelehema.
5. Ashehure ya ileng a thea Tekowa, o ne a ena le basadi ba babedi, e leng Hela le Naara.