15. La borobedi la ntsha Jeshaya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.
16. La borobong la ntsha Mataneya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.
17. La leshome la ntsha Shimei, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.
18. La leshome le motso o mong la ntsha Asariele, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.
19. La leshome le metso e mmedi la ntsha Mashabiya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.