1 Diketsahalo 24:26-31 BIBELE (SSO89SO)

26. Bara ba Merari e ne e le Mahele le Mushi; mora wa Jaasiya e le Beno.

27. Ditloholo tsa Merari tse tswetsweng ke Jaasiya e ne e le Beno, le Shohame, le Sakure, le Ibiri.

28. Mahele a tswala Eleasare ya sa kang a ba le bara.

29. Mora wa Kishe e ne e le Jerahemeele.

30. Bara ba Mushi e ne e le Mahele, le Edere, le Jerimote. Bana e ne e le bona Balevi ho ya ka malapa abo bona.

31. Jwalokaha bana babo bona, e leng ditloholo tsa Arone, ba ile ba etsa lotho, le bona ba le etsa moo Davida, le Sadoke, le Ahimeleke, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Malapa a matsibolo le a dikgorula a ne a etswa ka ho tshwana.

1 Diketsahalo 24