17. ya bara ba Eleesere e le Rehabeya. Eleesere o ne a se na bara ba bang, empa bara ba Rehabeya ba ne ba le bangata haholo.
18. Hlooho ya bana ba Isihare e ne e le Shelomite.
19. Letsibolo la Heborone e ne e le Jeriya, mora wa bobedi e le Amariya, wa boraro e le Jahasiele, wa bone e le Jekameame.
20. Ho bara ba Usiele letsibolo e ne e le Mmika, wa bobedi e le Jeshia.
21. Bara ba Merari e ne e le Mahele le Mushi; ba Mahele e le Eleasare le Kishe.
22. Eleasare a shwa a se na bara, a ena le baradi feela. Bana babo bona, e leng bara ba Kishe, ba ba nyala.
23. Bara ba Mushi ba ne ba le bararo, e le Mahele, le Edere, le Jeremote.
24. Bana ke bara ba Levi, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mme ba ngotswe ka bomong bukeng ya mabitso. Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, ho tloha ha ba le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
25. Davida o ne a re: “Morena Modimo wa Iseraele, o phomoditse setjhaba sa hae, e le hore se tle se ahe Jerusalema kamehla.”
26. Ho tloha nakong eo, ha se ke ha hlola ho sa hlokahala hore Balevi ba jare Leaho le tsohle tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona.