1 Diketsahalo 21:8-13 BIBELE (SSO89SO)

8. Yaba Davida o re ho Modimo: “Ke entse sebe se seholo ka ho etsa ntho ena. Empa jwale ke a o rapela: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”

9. Morena a bua ho Gade, senohe sa Davida, a re ho yena:

10. “Eya ho Davida, o fihle o re ho yena: <Morena o bua tjena: Dintho ke tsena tse tharo: Ikgethele e le nngwe ya tsona, eo ke tla o otla ka yona.> ”

11. Yaba Gade o fihla ho Davida, o re ho yena: “Morena o bua tjena: <Ikgethele!

12. Ho be le sekoboto ka dilemo tse tharo; kapa ka nako ya kgwedi tse tharo o balehe dira tsa hao ha di ntse di o manakisa ka disabole; kapa, ho seng jwalo, ka matsatsi a mararo Morena a o futuhele ka sabole ya hae, e leng hore a dihele naha ee sewa, lengeloi la Morena le tsamaye hohle kahare ho naha ya Iseraele, le ntse le timetsa tsohle?> Ka baka leo, inahanele karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.”

13. Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, nka mpa ka wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo haholo.”

1 Diketsahalo 21