5. Joabe a fihla a bolella kgosi Davida palo ya setjhaba. Baiseraele bohle, bao e neng e le matsholathebe, ba ne ba le mileone le dikete tse lekgolo. Ba morabe wa Juda ba ne ba le dikete tse makgolo a mane le mashome a supileng.
6. Empa Joabe o ne a sa ka a balella ba morabe wa Levi le ba morabe wa Benjamine, hobane o ne a hanyetsa taelo ya kgosi.
7. Ketso ena ya Davida ya se ke ya kgahla Modimo, mme ka baka leo, a otla Baiseraele.
8. Yaba Davida o re ho Modimo: “Ke entse sebe se seholo ka ho etsa ntho ena. Empa jwale ke a o rapela: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”
9. Morena a bua ho Gade, senohe sa Davida, a re ho yena:
10. “Eya ho Davida, o fihle o re ho yena: <Morena o bua tjena: Dintho ke tsena tse tharo: Ikgethele e le nngwe ya tsona, eo ke tla o otla ka yona.> ”
11. Yaba Gade o fihla ho Davida, o re ho yena: “Morena o bua tjena: <Ikgethele!
12. Ho be le sekoboto ka dilemo tse tharo; kapa ka nako ya kgwedi tse tharo o balehe dira tsa hao ha di ntse di o manakisa ka disabole; kapa, ho seng jwalo, ka matsatsi a mararo Morena a o futuhele ka sabole ya hae, e leng hore a dihele naha ee sewa, lengeloi la Morena le tsamaye hohle kahare ho naha ya Iseraele, le ntse le timetsa tsohle?> Ka baka leo, inahanele karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.”
13. Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, nka mpa ka wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo haholo.”