47. Bana ke bara ba Jahadai: Regeme, le Jotame, le Geshane, le Pelete, le Efa, le Shaafe.
48. Maaka, mosadi wa lefielo wa Kalebe, a tswala Shebere, le Tirehana.
49. A ba a tswala le Shaafe, ya ileng a thea Mademana; a tswala le Shefa, ya ileng a thea Makebena, le Gibea. Moradi wa Kalebe e ne e le Akasa.
50. Bana ke ditloholo tsa Kalebe, mora wa Hure, letsibolo la Eferata: Shobale a thea Kiriate-Jearime,
51. le Salema, ya ileng a thea Betlelehema, le Harefe, ya ileng a thea Bete-Gadere.
52. Ditloholo tsa Shobale, ya ileng a thea Kiriate-Jearime, e ne e le Baharowe, e leng halofo ya morabe wa Bamanahate.