1. Kamorao ho mona, Nahashe, kgosi ya Baamone, a shwa, mme mora wa hae a mo hlahlama.
2. Yaba Davida o re: “Hanune, mora wa Nahashe, ke tla mo etsetsa tse molemo, hobane ntatae le yena o ile a nketsetsa tse molemo.” Ka baka leo, Davida a roma maqosa a hae ho isetsa Hanune matshediso, ka baka la lefu la ntatae.Bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone ho isetsa Hanune matshediso.
3. Empa mahosana a Baamone a re ho Hanune: “O bona eka Davida o tlotla ntatao, ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na bahlanka ba hae ha ba a tla ho wena moo ho tla hlahloba naha, le ho e hlwela, hore ba tle ba e hape?”
4. Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, o ba beola ditedu, o hahola diaparo tsa bona ka lehare, ho ya fihla dibonong, a nto re ba tsamaye.
5. Davida a tsebiswa kamoo banna bao ba entsweng kateng, mme a romela maqosa ho ya ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.”
6. Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, Hanune le Baamone ba romela silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene, ho ya hira dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba dipere ba tswang Mesopotamia, le Maaka, le Soba.
7. Ba hira dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; ba hira le kgosi ya Maaka le bahlabani ba yona, mme bona ba tla, ba fihla ba hloma diahelo tsa bona haufi le Medeba. Baamone ba phutheha metseng ya bona, ba itokisetsa ho lwana.