11. “ <Ha matsatsi a hao a se a fetile, o se o orohetse ho bo-ntatao, ke tla etsa hore e mong wa bara ba hao a o hlahlame, ke tiise mmuso wa hae.
12. Ke yena ya tla nkgahela Tempele, mme ke tla tsitsisa terone ya hae kamehla.
13. Ke tla ba ntatae, yena e be mora wa ka. Feela nke ke ka kgaotsa ho mo rata jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho rata ya bileng teng pele ho wena.
14. Ke tla mmea ho okamela setjhaba sa ka le mmuso wa ka kamehla, mme terone ya hae e tla tsitsa kamehla yohle.> ”
15. Nathane a phetela Davida ditaba tsena tsohle, ho ya kahohle kamoo a di senoletsweng kateng.
16. Jwale kgosi Davida a kena ka Tenteng, a ya dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba ntlo ya ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale?
17. Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao, nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, o se o ntadima jwalokaha eka ke motho wa boemo bo phahameng!
18. “Ekaba Davida a ka hlola a reng ho wena, ha o hlomphile mohlanka wa hao? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao!
19. Oho, Morena, ka baka la mohlanka wa hao, le ka baka la ho rata ha hao, o entse ntho ena e kgolo, wa etsa hore tsena tsohle tse kgolo di tsejwe.
20. “Oho, Morena, ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.
21. Ke setjhaba sefe moo lefatsheng, se kang setjhaba sa hao sa Baiseraele, seo Modimo a kileng a ya se lopolla hore e be setjhaba sa hae? O tumisitse lebitso la hao ka ho etsa tse kgolo, tse tshabehang, ka ho hleka matjhaba tseleng ya setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng Egepeta.
22. Setjhaba sa hao sa Iseraele o se entse setjhaba sa hao kamehla yohle, mme wena, Morena, o Modimo wa sona.