4. Davida a kgetha ba bang ba Balevi ho sebeletsa kapele ho areka ya Morena, ho ipiletsa ho Morena, le ho leboha, le ho boka Morena Modimo wa Iseraele.
5. Asafo ya eba yena hlooho, a hlahlangwa ke Sekariya. Bo-Jeiele, le Shemiramote, le Jehiele, le Matiteya, le Eliabe, le Benaya, le Obede-Edomo, le Jeiele, bona ba ne ba letsa dikatara, le diharepa, athe Asafo yena o ne a letsa matlheretlhere.
6. Baprista, bo-Benaya le Jahasiele, bona ba ne ba letsa diterompeta ka nako tsohle, kapele ho areka ya selekane sa Modimo.
7. Ka lona letsatsi leo, Davida a laela Asafo le bana babo, mme e le kgetlo la pele, hore ba boke Morena ka sefela sena:
8. Lebohang Morena,le ipiletse ho yena,phatlalatsang ketso tsa haehara ditjhaba.