1. Davida a rerisana le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba ba makgolo, le mookamedi e mong le e mong wa mabotho.
2. Yaba o re ho setjhaba sohle sa Iseraele: “Haeba le rata, eba le Morena Modimo wa rona o a rata, a re romeleng molaetsa hohle naheng ya Iseraele, moo bana babo rona ba ahileng teng; re o romele le ho baprista, le ho Balevi ba metseng le metsaneng, hore ba phuthehele kwano.
3. Jwale re boele re late areka ya Modimo wa rona, re e tlise kwano, hobane mehleng ya Saule ha re a ka ra e natsa.”
4. Setjhaba sohle sa re se tla etsa jwalo, hobane se ne se bona hore hoo ho lokile.
5. Yaba Davida o kgobokanya Baiseraele bohle, ho tloha nokeng ya Shihore e Egepeta, ho ya fihla kgorong ya Hamate, hore ba yo lata areka ya Modimo, Kiriate-Jearime.
6. Jwale Davida le Baiseraele bohle ba nyolohela Baala, e leng hona Kiriate-Jearime e Juda, ho ya lata areka ya Morena Modimo, ya dutseng hodima dikerubime, e leng areka eo a tla kgumamellwa ho yona.
7. Ba bea areka ya Modimo hodima kariki e ntjha, ba e ntsha ka tlung ya Abinadabe. Bo-Usa le Ako ba qhoba kariki eo.
8. Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko ka sefutho se seholo, ba le kapele ho Modimo. Ba letsa diharepa, le dikatara, le meropa, le matlheretlhere, le diterompeta.