1 Diketsahalo 12:30-40 BIBELE (SSO89SO)

30. Ba morabe wa Efraime e ne e le bahale ba dikete tse mashome a mabedi le makgolo a robedi, ba tumileng malapeng abo bona.

31. Ba karolo ya morabe wa Manase, ba neng ba thontswe ka mabitso ho tla bea Davida hore e be kgosi, ba ne ba le dikete tse leshome le metso e robedi.

32. Ba morabe wa Isakare, ba neng ba tseba ditaba tsa mehla eo, ba tseba le seo Iseraele e lokelang ho se etsa, e ne e le baetapele ba makgolo a mabedi, e le bona ba laolang bang ka bona bohle.

33. Ba morabe wa Sebulone, ba neng ba futuha, ba kwetliseditswe ho lwana ka mefuta yohle ya dihlomo, ba theile theko ya ntwa, ba ne ba le dikete tse mashome a mahlano, mme ba tshepahala.

34. Ba morabe wa Nafthali e ne e le balaodi ba sekete, ba ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mararo a metso e supileng, ba hlometseng ka dithebe le marumo.

35. Ba morabe wa Dane, ba neng ba kwetliseditswe ntwa, ba ne ba le dikete tse mashome a mabedi a metso e robedi, le makgolo a tsheletseng.

36. Ba morabe wa Ashere, ba neng ba kwetliseditswe ntwa, e le malalaalaotse, ba ne ba le dikete tse mashome a mane.

37. Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le karolo ya ba morabe wa Manase, ba neng ba le ka botjhabela ho Jorodane, ba ne ba le dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba hlometse ka mefuta yohle ya dihlomo.

38. Bahlabani bana bohle, ba neng ba ema thekong ya ntwa, ba fihla Heborone ba ikemiseditse ho bea Davida hore e be kgosi ya Iseraele. Le Baiseraele bohle ba ne ba le maikutlo a le mang a hore Davida a bewe, e be kgosi.

39. Bana bohle ba qeta matsatsi a mararo ba ena le Davida, ba ntse ba eja, ba enwa tseo bana babo bona ba neng ba ba lokiseditse tsona.

40. Le ba neng ba le haufi le bona, e leng ba merabe ya Isakare, le Sebulone, le Nafthali, ba ba tlisetsa dijo ba di bofile ditonking, le dikameleng, le dimmeileng, le dipeleseng: phofo, le diphaphatha tsa mangangajane a feiye, le diphaphatha tsa mangangajane a morara, le veine, le ole, le dipholo le dinku. Tsena ba di tlisa ka bongata, hobane Baiseraele ba ne ba thabile.

1 Diketsahalo 12