1 Diketsahalo 12:17-29 BIBELE (SSO89SO)

17. Davida a ya ba kgahlanyetsa, a re ho bona: “Haeba le tlile ka kgotso, ho tla nthusa, ke tla le kgomarela, empa haeba le tlile ho tla nkekela dira tsa ka, leha ke se na molato, Modimo wa bo-ntata rona o tla le bona, a le otle.”

18. Jwale Moya wa Modimo wa theohela hodima Amasai, molaodi wa ba mashome a mararo, mme a re:“Oho, Davida, re ba hao,re ba hao, mora wa Jese!Kgotso e ke e be le wena,kgotso ho bathusi ba hao,hoba o thuswa ke Modimo wa hao.”Yaba Davida o a ba amohela, mme a ba etsa balaodi ba mabothwana a hae.

19. Ba bang ba morabe wa Manase le bona ba fetohela ka ho Davida, mohla a neng a ena le Bafilesita ha ba futuhetse Saule. Empa a se ke a thusa Bafilesita, hobane mahosana a bona a ne a ile a eletswa hore a mo leleke, a re: “O tla fetohela ka ho monga hae Saule, ebe re a bolawa.”

20. Yare ha Davida a eya Sikelage banna bana ba morabe wa Manase ba fetohela ka ho yena: Adenake, le Josabada, le Jediaele, le Mikaele, le Josabada, le Elehu, le Siletai. E mong le e mong wa bona e ne e le molaodi wa bahlabani ba sekete.

21. Ke bona ba ileng ba thusa Davida ho lwantsha mabothwana a hlaselang, hobane kaofela ha bona e ne e le bahale, e bile e le balaodi ba mabotho.

22. Ka tsatsi le leng le le leng banna ba nna ba tla ho Davida, ho tla mo thusa, ho fihlela lebotho la hae le eba leholo jwalokaha eka ke lebotho la Modimo.

23. Ena ke palo ya bahlabani ba mabothwana a hlometseng, a ileng a tla ho Davida ha a le Heborone, ho ya mmea hore e be kgosi sebakeng sa Saule, ho ya ka polelo ya Morena.

24. Ba morabe wa Juda ba neng ba tshwara thebe le lerumo, e ne e le banna ba dikete tse tsheletseng le makgolo a robedi.

25. Ba morabe wa Simeone e ne e le bahale ba dikete tse supileng le lekgolo.

26. Ba morabe wa Levi e ne e le dikete tse nne le makgolo a tsheletseng.

27. Jehoyada e ne e le moetapele wa lelapa la Arone, a ena le banna ba dikete tse tharo le makgolo a supileng.

28. Sadoke, mohale wa mohlankana, o ne a ena le balaodi ba mashome a mabedi a metso e mmedi, ba tswang lapeng labo.

29. Ba morabe wa Benjamine, bao e neng e le bang ka Saule, ba ne ba le dikete tse tharo. Ho fihlela ka nako eo, bongata ba bona bo ne bo ntse bo le ka lehlakoreng la Saule.

1 Diketsahalo 12