1 Diketsahalo 11:15-22 BIBELE (SSO89SO)

15. Ba bararo ba baokamedi ba mashome a mararo ba theohela ho Davida lefikeng, ka lehaheng la Adulame. Lebotho la Bafilesita le ne le hlomme ka kgohlong ya Refaime.

16. Davida o ne a le ka qhobosheaneng, ha lebotho la Bafilesita lona le ne le le Betlelehema.

17. Davida a utlwa a nyorilwe, mme a re: “Eka motho a ka mpha metsi a tswang sedibeng sa Betlelehema, se pela kgoro ya motse!”

18. Jwale bahale ba bararo ba phunyeletsa mabotho a Bafilesita, ba ya kga metsi sedibeng sa Betlelehema se pela kgoro ya motse. Ba ekga metsi ao, ba a isa ho Davida. Empa Davida a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe e le nyehelo ho Morena,

19. a re: “Modimo wa ka a nthuse ke se ke ka etsa ntho ena. Na nka nwa madi a banna bao ba ileng ba ipea kotsing?” Ba ne ba ile ba ipea kotsing ka ho ya kga metsi, ka baka leo, a se ke a a nwa.Tsena di ile tsa etswa ke bahale bana ba bararo.

20. Abishai, ngwanabo Joabe, e ne e le yena mookamedi wa ba mashome a mararo. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, a ba bolaya, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo.

21. A tuma ho feta bahlabani ba mashome a mararo, ya eba molaodi wa bona. Empa a se ke a tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele.

22. Benaya, mora wa Jehoyada, ya neng a etswa Kabeseele, e ne e le monna ya tumileng ka diketso tsa bokwankwetla. A bolaya bahale ba babedi ba Moabe, ba bohale jwaloka tau. A ba a bolaya le tau e neng e le ka lemeneng, mohla lehlwa le neng le kgethehile.

1 Diketsahalo 11