1 Diketsahalo 1:28-44 BIBELE (SSO89SO)

28. Bana ke bara ba Aborahama: Isaka, le Ishemaele.

29. Lena ke leloko la Ishemaele: Nebajota, letsibolo la Ishemaele, le Kedare, le Adabeele, le Mibesame,

30. le Mishema, le Duma, le Masa, le Hadade, le Tema,

31. le Jeture, le Nafishe, le Kedema. Bana ke bona bara ba Ishemaele.

32. Bana ke bara ba Ketura, mosadi wa lefielo wa Aborahama. Ketura a tswala Simerane, le Jokoshane, le Medane, le Midiane, le Jishebaka, le Shua. Bara ba Jokoshane ke Sheba le Dedane.

33. Bara ba Midiane e ne e le Efa, le Efere, le Hanoke, le Abida, le Eledaa. Bana bohle ke ditloholo tsa Ketura.

34. Aborahama a tswala Isaka. Bara ba Isaka ke Esau le Iseraele.

35. Bara ba Esau ke Elefase, le Reuele, le Jeushe, le Jalame, le Kora.

36. Bara ba Elefase e ne e le Temana, le Omare, le Sefo, le Fatame, le Kenase, le Timina, le Amaleke.

37. Bara ba Reuele ke bana: Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa.

38. Bana ke bara ba Seire: Lotane, le Shobale, le Sebone, le Ana, le Dishone, le Esere, le Dishane.

39. Bana ke bara ba Lotane: Hori, le Homame. Kgaitsedi ya Lotane e ne e le Timina.

40. Bara ba Shobale e ne e le Aleana, le Manahate, le Ebale, le Shefi, le Oname. Bana ke bara ba Sebone: Aya, le Ana.

41. Mora wa Ana ke Dishone. Bara ba Dishone ke Hamerane, le Eshebane, le Jiterane, le Kerane.

42. Bana ke bara ba Esere: Bilehane, le Saafane, le Jakane. Bara ba Dishane ke Use le Arane.

43. Tsena ke dikgosi tse ileng tsa busa naha ya Edomo, ho eso be le kgosi e busang bana ba Iseraele: Bela, mora wa Beore, mme lebitso la motse wa hae e ne e le Dinehaba.

44. Ha Bela a eshwa, Jobabe, mora wa Sera, ya tswang Bosera, a mo hlahlama.

1 Diketsahalo 1