1 Diketsahalo 1:16-31 BIBELE (SSO89SO)

16. le Baarefade, le Basemare, le Bahamate.

17. Bara ba Sema ke: Elame, le Asure, le Arepakeshade, le Lode, le Arame, le Use, le Hule, le Getere, le Mashe.

18. Arepakeshade a tswala Shela, mme Shela a tswala Ebere.

19. Ebere a tswala bara ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Pelege, hobane baahi ba lefatshe ba ne ba arohane mehleng ya hae; moena wa hae e ne e le Jokotane.

20. Jokotane a tswala Alamodade, le Shelefe, le Hasere-Mafete, le Jera,

21. le Hadorame, le Usale, le Dikela,

22. le Ebale, le Abimaele, le Sheba,

23. le Ofire, le Hafila, le Jobabe. Bana bohle ke bara ba Jokotane.

24. Bana ke bara ba Sema: Arepakeshade, le Shela,

25. le Ebere, le Pelege, le Reu,

26. le Seruge, le Nakore, le Tera,

27. le Aborame, e leng Aborahama.

28. Bana ke bara ba Aborahama: Isaka, le Ishemaele.

29. Lena ke leloko la Ishemaele: Nebajota, letsibolo la Ishemaele, le Kedare, le Adabeele, le Mibesame,

30. le Mishema, le Duma, le Masa, le Hadade, le Tema,

31. le Jeture, le Nafishe, le Kedema. Bana ke bona bara ba Ishemaele.

1 Diketsahalo 1