1 Bathesalonika 4:8-13 BIBELE (SSO89SO)

8. Ka baka leo, ya hanang ditaelo tsena ha a hane motho, empa o hana Modimo, yena ya le neang Moya wa hae o Halalelang.

9. Ha e le ka lerato la boena, ha le hloke hore le ngollwe ka lona, hobane ka bolona le rutilwe ke Modimo ho ratana;

10. etswe le etsa jwalo ho bana babo lona kaofela ba hohle Masedonia. Feela re a le rapela, bana beso: Atlehang le ho feta.

11. Ikitlaeletseng ho phela ka kgotso, ho hlokomela ditaba tsa lona le ho sebetsa ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse.

12. Ka tsela ena bophelo ba lona e be bo tshwanelehang mahlong a ba kantle, mme le se ke la hloka letho ho motho.

13. Bana beso, re rata ha le tseba tsa ba ithobaletseng, hore le tle le se ke la lla jwaloka ba bang, ba se nang tshepo.

1 Bathesalonika 4