1 Bakorinthe 7:9-19 BIBELE (SSO89SO)

9. Empa haeba ba sitwa ho itshwara, ba mpe ba nyale, hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjheswa ke takatso.

10. Ha e le ba seng ba nyalane, ke ba nea taelo ena. Ha e tswe ho nna, empa e tswa ho Morena. Ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae.

11. Haeba a etsa jwalo a dule a sa nyalwe, kapa a kgutlele ho monna wa hae. Monna le yena a se ke a hlala mosadi wa hae.

12. Ha e le ho ba bang, nna, e seng Morena, ke re: Ha modumedi a ena le mosadi eo e seng modumedi, a se ke a mo hlala, haeba mosadi a kgotsofalla ho nna a phela le yena.

13. Le mosadi ha a ena le monna eo e seng modumedi, mme a kgotsofalla ho nna a phela le yena, a se ke a hlala monna eo.

14. Monna eo e seng modumedi o halaletswa ka mosadi wa hae, le mosadi eo e seng modumedi o halaletswa ka monna wa hae. Hoja ha ho jwalo bana ba bona ba ka be ba sa hlweka, athe jwale ba a halalela.

15. Haeba eo e seng modumedi a rata ho hlala mohatsa hae wa modumedi, a mo hlale. Modumedi wa monna kapa wa mosadi ha a ya tlangwa ke letho tabeng tse jwalo. Modimo o le bitseditse hore le phedisane ka kgotso.

16. Wena mosadi, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa monna wa hao na? Le wena monna, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa mosadi wa hao na?

17. E mong le e mong a phele ho ya kamoo Morena a mo abetseng kateng, kamoo a neng a le kateng ha Modimo a mmitsa. Sena ke seo ke se laelang dikereke tsohle.

18. Ha motho a bitswa a se a bolotse, a se ke a iketsa leqai; ha a bitswa e le leqai, a se ke a bolla.

19. Ho bolla kapa ho se bolle hase letho, empa hoo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.

1 Bakorinthe 7