1 Bakorinthe 7:28-40 BIBELE (SSO89SO)

28. Haeba o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe. Empa ba nyalanang ba tla ba le matshwenyeho bophelong bona, mme lona ke a le qenehela.

29. Bana beso, seo ke se bolelang ke sena: Nako e se e kgutsufetse. Ho tloha jwale, ba nyetseng e ke ha ba a nyala;

30. ba llang e ke ha ba lle; ba thabileng e ke ha ba a thaba; ba rekang e ke ha ba na letho;

31. ba phelang ka tsa lefatshe lena e ke ha ba di phelele, hobane mekgwa ya lefatshe lena e a feta.

32. Ha ke lakatse ha le ka tshwenyeha. Ya sa nyalang o hlokomela tsa Morena, hore na a ka kgahlisa Morena jwang.

33. Empa ya nyetseng o hlokomela tsa lefatshe, hore na a ka kgahlisa mosadi wa hae jwang,

34. mme kahoo o pelo di pedi. Mosadi ya sa nyalwang, kapa morwetsana, o hlokomela tsa Morena, hore a tle a halalele mmeleng le moyeng. Empa mosadi ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe, hore na a ka kgahlisa monna wa hae jwang.

35. Ke le bolella tsena ho le thusa, e seng ho le kgina, empa e le hore le batle ho lokelang, le ikakgele mosebetsing wa Modimo ka setotswana.

36. Ha motho a lekanya hore e ka ba ntho e dihlong, ha moradi wa hae e le lefetwa, mme a hopola hore eka kgona taba eo e lokiswe, a etse kamoo a ratang kateng. Ha a etse sebe ha a ka mo nyadisa.

37. Empa haeba motho a sa tlangwe ke letho e le ka boikgethelo ba hae, a tiile morerong wa hae, mme haeba a se a qetile ka pelong ya hae hore moradi wa hae e nne e be morwetsana, o tla be a etsa hantle.

38. Kahoo ya nyadisang moradi wa hae o etsa hantle, empa ya sa mo nyadiseng o etsa hantle ka ho fetisisa.

39. Mosadi ya nyetsweng o tlamahantswe le monna wa hae, ha monna a sa phela. Ha monna a se a shwele, mosadi o lokolohile, a ka nyalana le eo a mo ratang, empa e be lenyalo la Sekreste.

40. Feela, ho ya ka nna, a ka ba lehlohonolo haholo ha a ka itulela a sa nyalwa. Ke a kgolwa hore le nna ke na le Moya wa Modimo.

1 Bakorinthe 7