1 Bakorinthe 7:15-30 BIBELE (SSO89SO)

15. Haeba eo e seng modumedi a rata ho hlala mohatsa hae wa modumedi, a mo hlale. Modumedi wa monna kapa wa mosadi ha a ya tlangwa ke letho tabeng tse jwalo. Modimo o le bitseditse hore le phedisane ka kgotso.

16. Wena mosadi, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa monna wa hao na? Le wena monna, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa mosadi wa hao na?

17. E mong le e mong a phele ho ya kamoo Morena a mo abetseng kateng, kamoo a neng a le kateng ha Modimo a mmitsa. Sena ke seo ke se laelang dikereke tsohle.

18. Ha motho a bitswa a se a bolotse, a se ke a iketsa leqai; ha a bitswa e le leqai, a se ke a bolla.

19. Ho bolla kapa ho se bolle hase letho, empa hoo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.

20. E mong le e mong a nne a be kamoo a neng a le kateng mohla a neng a bitswa.

21. Ha o bitsitswe o le lekgoba, o se ke wa itshwenya. Empa leha o ka lokoloha bokgobeng, thabela tokoloho eo.

22. Etswe ya bitsitsweng ke Morena e le lekgoba, ho Morena o lokolohile. Ka mokgwa o jwalo, ya bitsitsweng ke Kreste a lokolohile, ke lekgoba la Kreste.

23. Le rekilwe ka theko e boima, ka hona se iketseng makgoba a batho.

24. Bana beso, e mong le e mong a nne a phele pela Modimo ho ya kamoo a neng a le kateng mohla a bitswang.

25. Tabeng ya barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, ke mpa ke fana ka keletso, ke le ya tshepahalang ka mohau wa Morena.

26. Ka baka la ditsietsi tsa matsatsi ana, ke lekanya hore ho ka ba molemo ha motho a itulela a le jwalo.

27. Ha o tlamahantswe le mosadi ka lenyalo, o se ke wa itokolla. Ha o sa tlamahanngwa le mosadi ka lenyalo, o se ke wa ipatlela mosadi.

28. Haeba o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe. Empa ba nyalanang ba tla ba le matshwenyeho bophelong bona, mme lona ke a le qenehela.

29. Bana beso, seo ke se bolelang ke sena: Nako e se e kgutsufetse. Ho tloha jwale, ba nyetseng e ke ha ba a nyala;

30. ba llang e ke ha ba lle; ba thabileng e ke ha ba a thaba; ba rekang e ke ha ba na letho;

1 Bakorinthe 7