1. Jwale ke kena ditabeng tseo le ileng la nngolla ka tsona. Ke re: Ho molemo hore monna a se ke a ama mosadi.
2. Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.
3. Monna a phethe tshwanelo ya hae ho mosadi wa hae, mme le mosadi a etse jwalo ho monna wa hae.
4. Mosadi ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke monna wa hae. Ka mokgwa o jwalo, le monna ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke mosadi wa hae.
5. Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.
6. Ke bua tjena ka ho le hauhela e seng ka ho le laela.
7. Ke ne nka rata ha batho bohle ba eba jwaloka nna, empa motho e mong le e mong o na le neo ya hae e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa wane.
8. Ho masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re: Ho molemo ha ba ka itulela jwaloka nna.
9. Empa haeba ba sitwa ho itshwara, ba mpe ba nyale, hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjheswa ke takatso.
10. Ha e le ba seng ba nyalane, ke ba nea taelo ena. Ha e tswe ho nna, empa e tswa ho Morena. Ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae.
11. Haeba a etsa jwalo a dule a sa nyalwe, kapa a kgutlele ho monna wa hae. Monna le yena a se ke a hlala mosadi wa hae.
12. Ha e le ho ba bang, nna, e seng Morena, ke re: Ha modumedi a ena le mosadi eo e seng modumedi, a se ke a mo hlala, haeba mosadi a kgotsofalla ho nna a phela le yena.
13. Le mosadi ha a ena le monna eo e seng modumedi, mme a kgotsofalla ho nna a phela le yena, a se ke a hlala monna eo.