1 Bakorinthe 6:16-20 BIBELE (SSO89SO)

16. Kapa na ha le tsebe hore ya kopanelang dikobo le seotswa, o fetoha ntho e le nngwe le sona, hobane Mangolo a re: “Ba babedi ba tla fetoha ntho e le nngwe?”

17. Empa ya ikopanyang le Morena ke ntho e le nngwe le yena ka moya.

18. Furallang bohlola! Dibe tse ding tsohle tseo motho a di etsang ha di ame mmele wa hae, empa ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae.

19. Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong?

20. Le rekilwe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Modimo ka mmele ya lona.

1 Bakorinthe 6