1 Bakorinthe 6:14-20 BIBELE (SSO89SO)

14. Modimo o tsositse Morena bafung, mme le rona o tla re tsosa ka matla a hae.

15. Na ha le tsebe hore mmele ya lona ke ditho tsa Kreste? Na nka nka ditho tsa Kreste, ka di etsa ditho tsa seotswa? Le kgale!

16. Kapa na ha le tsebe hore ya kopanelang dikobo le seotswa, o fetoha ntho e le nngwe le sona, hobane Mangolo a re: “Ba babedi ba tla fetoha ntho e le nngwe?”

17. Empa ya ikopanyang le Morena ke ntho e le nngwe le yena ka moya.

18. Furallang bohlola! Dibe tse ding tsohle tseo motho a di etsang ha di ame mmele wa hae, empa ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae.

19. Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong?

20. Le rekilwe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Modimo ka mmele ya lona.

1 Bakorinthe 6