11. Ho fihlela jwale re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a hlekefetswa, mme re a shota.
12. Re sebetsa ka thata ka matsoho a rona. Ha ba re hlapaola, re a ba hlohonolofatsa; ha ba re hlorisa, re a mamella;
13. ha ba re senya mabitso, re phaphatha kgotso. Re fetohile dithole ho lefatshe lohle, le manyala ho bohle, ho fihlela jwale.
14. Ha ke le ngolle tsena ho le hlabisa dihlong, empa ke le ngolla ho le laya le le bana ba ka ba ratehang.