Tshenolo 8:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse hobane Konyana e manolle tiiso ya bosupa, ha kgutsa, ha re tu lehodimong ka motsotso o ka fihlang bohareng ba hora.

2. Ka bona mangeloi a supileng a emeng pela Modimo, mme a newa diterompeta tse supileng.

3. Ha tla lengeloi le leng, la ema aletareng, le tshwere pitsa ya kgauta ya ho tjhesa dibano, mme la newa dibano tse ngata, hore le di hlahise le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta, e pela terone.

Tshenolo 8