Tshenolo 22:17-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.

18. Ke pakela e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena, hore, ha motho a ka di ekeletsa, Modimo o tla ekeletsa hodima hae dikotsi tse ngodilweng bukeng ena.

19. Mme ekare ha e mong a tlosa ho hong dipolelong tsa boporofeta ba buka ena, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae sefateng sa bophelo le motseng o halalelang tse ngodilweng bukeng ena.

20. Ya pakang ditaba tseo o re: E, ke tla kapele.Amen! Tloo, Morena Jesu!

21. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen!

Tshenolo 22