Tshenolo 17:6-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Mme ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu, mme ka makala ka makalo e kgolo, ha ke mmona.

7. Lengeloi la re ho nna: O makaletseng? Ke tla o bolella sephiri sa mosadi le sa sebata seo a se kaletseng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.

8. Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ya tahlehong; mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala ha ba bona sebata, hobane se ne se le teng, mme ha se yo, athe se tla boela se be teng.

9. Ke mona ho hlokwang kutlwisiso e nang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.

10. Hape, ke marena a supileng. Ho se ho wele a mahlano, e mong o sa le teng, mme e mong ha a eso ho tle; etlare hobane a tle, o tla ba teng ho se hokae.

11. Sebata se neng se le teng, se seng se le siyo, sona ke morena wa boroba meno e le mmedi, mme ke e mong wa a supileng, mme o ya tahlehong.

12. Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke marena a leshome, a esong ho nke borena, a mpa a tla amohela matla a borena hammoho le sebata ka hora e le nngwe.

Tshenolo 17