Tshenolo 10:7-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha terompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimo se tla phetheha, kamoo o boleletseng bahlanka ba wona, baporofeta kateng.

8. Lentswe leo ke neng ke le utlwile le etswa lehodimong, la boela la bua le nna, la re: Eya, o nke bukana e phetlilweng letsohong la lengeloi le emeng hodima lewatle le lefatshe.

9. Ka ya ho lengeloi leo, ka le bolella hore le mphe bukana. La re ho nna: Nka, mme o e metse; e tla baba maleng a hao, empa molomong wa hao e tla ba monate jwaloka dinotshi.

10. Ka nka bukana letsohong la lengeloi, mme ka e metsa; mme ya eba monate molomong wa ka jwaloka dinotshi; empa, ha ke se ke e metsitse, mpa ya ka ya baba.

11. La re ho nna: E ka kgona o boele o porofete hodima ditjhaba, le mefuta, le dipuo, le marena a mangata.

Tshenolo 10