Sofonia 2:9-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ka baka leo, Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re: Ke a phela, ke re, Moabe o tla ba jwaloka Sodoma, bana ba Ammone ba be jwaloka Gomorra, e leng lefa la bobatsi, le dikgatampi tsa letswai, le nahathothe ka ho sa feleng; masala a setjhaba sa ka a tla ba lobela, le se setseng sa batho ba ka, se tla ba rua ka mokgwa wa lefa.

10. Tseo di tla ba hlahela ka baka la boikgohomoso ba bona, hobane ba nyefotse, mme ba ikgohomositse hodima setjhaba sa Jehova wa makgotla.

11. Jehova o tla tshabeha hodima bona, hobane o tla fedisa medimo yohle ya lefatshe, ba tle ho mo kgumamela, e mong le e mong ka ho tloha nqalong ya hae, e leng dihlekehlekeng tsohle tsa ditjhaba.

Sofonia 2