Sefela Sa Salomone 3:1-2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bosiu ha ke le ditaong tsa me, ke batlile ya ratwang ke moya wa me; ka mmatla, empa ka mo hloka.

2. Ka re: Jwale, ke tla tsoha, ke ye ho mmatla kahohle motseng, diterateng le mapatlelong ke batle ya ratwang ke moya wa me. Ka mmatla, mme ha ke a ka ka mo fumana!

Sefela Sa Salomone 3