15. ke boetse ke hopotse matsatsing ana ho etsa Jerusalema le ntlo ya Juda hantle. Se tshoheng!
16. Empa tseo le tshwanetseng ho di etsa ke tsena: Bolelang nnete e mong le e mong ho wa habo; ahlolang ka nnete le ka kahlolo ya kgotso makgotleng a lona;
17. le se ke la rerela banababo lona kotsi pelong tsa lona, le se ke la rata kano ya leshano; hobane tseo tsohle ke di hloile, ho bolela Jehova.
18. Lentswe la Jehova wa makgotla la ntlela, la re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: