5. Ha le nnile la itima dijo le ho lla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka lemo tseo tse mashome a supileng, hleka le ne le itimela nna na?
6. Ha le ntse le eja, le enwa, na hase lona ba jang, hase lona ba nwang na?
7. Na ha le elellwe mantswe ao Jehova a neng a a bua ka baporofeta ba pele, ha motse wa Jerusalema o sa ntse o ahilwe, o dutse ka kgotso, metse ya wona e le kamathoko ho wona, naha e ka nqa borwa le lehwatata di sa ahilwe?
8. Yaba lentswe la Jehova le tlela Sakaria, la re:
9. Ho ne ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ahlolang ka kahlolo ya nnete, le etse ka mohau le ka lereko, e mong le e mong ho ngwanabo;
10. le se ke la hlorisa mosadi wa mohlolohadi, le kgutsana, le moditjhaba, le mofutsana, le se ke la rerela ngwanabo lona kotsi pelong tsa lona.