4. Ka tsatsi leo, baporofeta ba tla hlajwa ke dihlong, e mong le e mong ka pono ya hae, ha a ntse a porofeta; ha ba sa tla apara kobo ya boya, ho bolela leshano.
5. Ba tla re: Ha ke moporofeta, ke motho ya lemang mobu, hobane ke ne ke rekwe ke motho botjheng ba ka.
6. Etlare ha ba re ho yena: Ke ang maqeba ana a hara matsoho a hao? o tla re: Ke ao ke a entsweng tlung ya metswalle ya ka.
7. Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.
8. Lefatsheng lohle, ho bolela Jehova, karolo tse pedi tsa batho ba teng di tla kgaolwa, di timele, ya boraro e sa le teng.