5. Dihlooho tsa Juda di tla re pelong tsa tsona: Bao e leng matla a rona ke baahi ba Jerusalema, ka Jehova wa makgotla, Modimo wa bona.
6. Ka tsatsi leo, ke tla fetola mahosana a Juda, a be jwaloka sebopi sa mollo hara dipatsi, le jwaloka serumula sa mollo hara mangata a koro, mme a tla ja ka ho le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse kamathoko; haele Jerusalema, o tla nne a dule setsheng sa hae, Jerusalema.
7. Jehova o tla boloka ditente tsa Juda pele, hore kganya ya ntlo ya Davida le kganya ya baahi ba Jerusalema e se ke ya phahama ho fetisa ya Juda.
8. Ka tsatsi leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, mme e leng ya kgoptjwang hara bona, tsatsing leo, o tla ba jwaloka Davida, ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Jehova kapele ho bona.
9. Ka tsatsi leo, ke tla phehella ho timeletsa ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema.