Sakaria 1:7-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya leshome le motso o mong, e leng kgwedi ya Shebate, ka selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Sakaria, mora Berekia, mora Iddo, ka tsena, la re:

8. Ke bone pono bosiu; ka bona monna ya palameng pere e kgunong; o ne a eme hara difate tsa mirte tse hara kgohlo, kamora hae ho le ba palameng dipere tse kgunong le tse phatshwa le tse tshweu.

9. Ka re: Bana ke bafe, morena? Yaba lengeloi le buang le nna le re ho nna: Ke tla o bontsha na ke bafe.

10. Monna, ya emeng hara difate tsa mirte, a bua, a re: Ke bao Jehova a ba romileng ho ya le lefatshe.

Sakaria 1