1. Ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi ya selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Sakaria, mora Berekia, mora Iddo, la re:
2. Jehova o ne a halefele bontata lona ka kgalefo e kgolo.
3. Ere ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlelang ho nna, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla kgutlela ho lona, ho bolela Jehova wa makgotla.
4. Le se ke la ba jwaloka bontata lona, bao baporofeta ba pele ba neng ba howa, ba re ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlang hle metsamaong ya lona e mebe, le diketsong tsa lona tse mpe! ... empa ha ba ka ba mamela, ha ba ka ba hlokomela lentswe la ka, ho bolela Jehova.
5. Bontata lona ba kae? ... Leha e le baporofeta, na ke ba phelang kamehla?