Obadia 1:19-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ba ka nqa borwa ba tla rua thaba ya Esau, ba lehwatata ba rue Bafilesta. Ba tla rua le naha ya Efraime, le naha ya Samaria, Benjamine yena a rue Gileade.

20. Ba lekgotla leo la bana ba Iseraele ba isitsweng kgolehong, ba tla rua naha ya Bakanana ho isa Sarepta; ba Jerusalema ba isitsweng kgolehong Sefarade, ba rue metse e ka nqa borwa.

21. Bapholosi ba tla nyolohela thabeng ya Sione, ho ahlola thaba ya Esau, mme mmuso e tla ba wa Jehova.

Obadia 1