Numere 7:84-89 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

84. Dikabelo tsa ho kgakola aletare, tse tlisitsweng ke marena a Iseraele mohla e tlotswang, ya eba tse kalo: Mekeke e leshome le metso e mmedi ya silefera, le merifi e leshome le metso e mmedi ya silefera, le dipitsa tse leshome le metso e mmedi tsa kgauta.

85. Mokeke o mong le o mong e ne e le wa dishekele tse lekgolo le mashome a mararo tsa silefera; morifi o mong le o mong e ne e le wa tse mashome a supileng; silefera yohle ya dipitsa tseo ya eba dishekele tse kete tse pedi tse nang le makgolo a mane, e leng dishekele tsa sehalalelo.

86. Dipitsa tse leshome le metso e mmedi tsa kgauta, tse tletseng dibano, e nngwe le e nngwe e ne e le ya dishekele tse leshome tsa sehalalelo; kgauta yohle ya dipitsa tseo ya eba dishekele tse lekgolo le mashome a mabedi.

87. Dikgomo tsohle tsa setjheso e bile dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le dipheleu tse leshome le metso e mmedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mmedi tse lemo se le seng, le dinyehelo tsa ntho tseo; le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe.

88. Dikgomo tsohle tsa sehlabelo sa teboho e bile dipoho tse mashome a mabedi a metso e mene, le dipheleu tse mashome a tsheletseng, le diphooko tse mashome a tsheletseng, le dikonyana tse tona tse mashome a tsheletseng tse lemo se le seng. Ke tseo dikabelo tse neng di tliswe ho kgakola aletare ha e ne e sa tswa tlotswa.

89. Ha Moshe a ne e kena tenteng ya pokano ho bua le Jehova, o ne a utlwa lentswe le buang le yena, le tswang pakeng tsa dikerubime tse pedi, sekwahelong se hodima areka ya bopaki; mme o ne a bua le yena.

Numere 7