Numere 32:15-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Hobane ha le mo kgeloha, o tla nne a tlohelle Iseraele feelleng, mme le tla biletsa setjhaba sena timelo.

16. Yaba ba atamela Moshe, ba re: Re tla hahela mehlape ya rona masaka mona, le bana ba rona metse;

17. re ntoo phakisa ho hlomela, re etelle bana ba Iseraele pele, re be re ba kenye naheng ya bona; bana ba rona bona ba tla sala metseng e dikilweng ka marako ka baka la baahi ba naha.

Numere 32