44. le dikgomo tse dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng,
45. le diesele tse dikete tse mashome a mararo tse nang le makgolo a mahlano;
46. le batho ba dikete tse leshome le metso e tsheletseng.
47. Hodima halofo eo ya dintho tse neilweng bana ba Iseraele, Moshe a nka e nngwe hodima tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le diphoofolong; mme ka taelo eo a e neilweng ke Jehova, Moshe a di nea Balevi, e leng balebedi ba tabernakele ya Modimo.
48. Balaodi ba makgotla a ntwa, balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo ba atamela Moshe, mme ba re ho yena:
49. Bahlanka ba hao ba badile bahlabani ba neng ba le taolong ya rona, mme ha ho le a mong wa rona ya hlokahalang.
50. Re tliseditse Jehova nyehelo ya dintho tsa kgauta tseo e mong le e mong wa rona a di fumaneng, maqakatsa, le dipetja, le masale a menwana le a mmofa, le matjekwana, ho tle ho etsetswe meya ya rona pheko pela Jehova.
51. Yaba Moshe le Eleasare ba amohela ho bona mesebetsi eo yohle ya kgauta.