9. O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri.
10. O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.
11. Jehova a bua le Moshe, a re:
12. Bona, ke nkile Balevi mahareng a bana ba Iseraele; ke ba nkile bakeng sa matsibolo wohle a tswetsweng ke bomma bana ba Iseraele; ka mokgwa o jwalo Balevi ke ba ka.
13. Hobane matsibolo wohle ke a ka. Mohla ke otlang matsibolo wohle a lefatsheng la Egepeta, ke ne ke ikgethele matsibolo wohle a Iseraele, ho tloha ho a batho ho isa ho a dikgomo; e tla nne e be a ka. Ke nna Jehova.
14. Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, a re:
15. O ngole bara ba Levi, ka matlo a bontata bona, le ka matlo a bona. O ngole ba batona kaofela, ho qala ka ba nang le kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo.
16. Yaba Moshe o a ba ngola ka taelo ya Jehova, le kamoo a neng a laetswe kateng.
17. Ke bana bara ba Levi ka mabitso a bona: Gershone, Kehathe le Merari.
18. Ke ana mabitso a bara ba Gershone ka matlo a bona: Libni le Shimei;
19. a bara ba Kehathe ka matlo a bona ke ana: Amrame, le Jitsehare, le Hebrone, le Usiele;
20. a bara ba Merari, ka matlo a bona ke ana: Mahali le Mushi. Ke wona matlo a Balevi ka matlo a bontata bona.
21. Ka Gershone ho hlahile ntlo ya Balibni le ntlo ya Bashimei; ke ao matlo a Bagershone.
22. Ba ngotsweng ba bona, ha ho balwa, ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ke re, ba ngotsweng ba bona ya eba kete tse supileng tse makgolo a mahlano.
23. Ba matlo a Gershone ba ne ba hloma tente tsa bona kamora tabernakele, ka nqa Bophirimela.
24. Morena wa ntlo ya bontata Bagershone e ne e le Eliasafe, mora Laele.
25. Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,
26. le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare ka nqa tsohle, le dikgwele tsa tente le tsa mesebetsi yohle ya yona.
27. Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe.