Numere 3:6-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ba tla boloka tse beilweng ho yena, le tse beilweng ho phutheho yohle,

7. ba di boloke pela tente ya pokano, ha ba ntse ba phetha tshebetso ya tabernakele.

8. Ba tla boloka mesebetsi yohle ya tente ya pokano, le tse beilweng ho bana ba Iseraele, ba tle ba etse tshebetso ya tabernakele.

9. O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri.

10. O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.

11. Jehova a bua le Moshe, a re:

12. Bona, ke nkile Balevi mahareng a bana ba Iseraele; ke ba nkile bakeng sa matsibolo wohle a tswetsweng ke bomma bana ba Iseraele; ka mokgwa o jwalo Balevi ke ba ka.

13. Hobane matsibolo wohle ke a ka. Mohla ke otlang matsibolo wohle a lefatsheng la Egepeta, ke ne ke ikgethele matsibolo wohle a Iseraele, ho tloha ho a batho ho isa ho a dikgomo; e tla nne e be a ka. Ke nna Jehova.

Numere 3