Numere 26:32-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. ka Shemida ntlo ya Bashemida; ka Hefere ntlo ya Bahefere.

33. Tselofkade, mora Hefere, ha a ka a ba le bara, empa a ba le baradi. Ke wona mabitso a baradi ba Tselofkade: Makla, Nowa, Hogla, Milka le Thirtsa.

34. Ke wona matlo a Bamanasse, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mahlano a metso e mmedi tse nang le makgolo a supileng.

35. Ke bana bara ba Efraime, ka matlo a bona: Ka Shutela ho hlahile ntlo ya Bashutela; ka Bekere ntlo ya Babekere; ka Thakane ntlo ya Bathakane.

36. Ke bana bara ba Shutela: ka Erane ho hlahile ntlo ya Baerane.

Numere 26