27. Ke wona matlo a Basabulone, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng tse nang le makgolo a mahlano.
28. Bara ba Josefa, ka matlo a bona, ke boManasse le Efraime.
29. Bara ba Manasse ke bona bana: ka Makire ho hlahile ntlo ya Bamakire. Makire a tswala Gileade. Ka Gileade ho hlahile ntlo ya Bagileade.
30. Bara ba Gileade ke bana: ka Jesere ho hlahile ntlo ya Bajesere; ka Heleke ntlo ya Baheleke;
31. ka Asriele ntlo ya Baasriele; ka Sikeme ntlo ya Basikeme;
32. ka Shemida ntlo ya Bashemida; ka Hefere ntlo ya Bahefere.