Numere 22:34-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. Balaame a re ho lengeloi la Jehova: Ke sitilwe kahobane ke ne ke sa tsebe hoba o eme pela ka tseleng; mme jwale, ha o nnyatsa, ke tla kgutla.

35. Lengeloi la Jehova la re ho Balaame: Eya le batho bao; empa o se ke wa bua ho hong, haese lentswe leo ke tla o bolella lona. Mme Balaame a ya le matona a Balake.

36. Ha Balake a utlwa hobane Balaame o a fihla, a tswa, a mo kgahlanyetsa motseng wa Moabe o moeding wa Arnone, pheletsong ya naha.

37. Balake a re ho Balaame: Ha ke re, ke ne ke romele ho wena hore o ye ho bitswa na? A ke ka baka lang ha o sa ka wa tla ho nna na? Hleka nka sitwa ho o etsa ka hlompho na?

38. Balaame a re ho Balake: Bona, ke tlile ho wena; empa na ke na le matla a ho bolela taba na? Ke tla bolela mantswe ao Modimo o tla a bea molomong wa ka.

39. Balaame a ya le Balake, mme a fihla Kiryathe-Hutsothe.

40. Balake a hlaba dikgomo le dinku, mme a sehela Balaame le matona a ho yena.

41. Hosasane, Balake a nka Balaame, a mo nyolosetsa Bamothe-Baale; ha a le teng, Balaame a bona karolo ya ho qetella ya setjhaba sa Iseraele.

Numere 22