32. Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa, bona, le matlo a bona, le batho kaofela bao e leng ba Kore, le dintho tsa bona kaofela.
33. Bona le tsohle tseo e leng tsa bona, ba theohela lempatung ba utlwa; lefatshe la ba kwahela, mme ba nyamella hara phutheho.
34. Baiseraele bohle ba neng ba ba teetse hare ba baleha ka baka la seboko sa bona, ba re: E se be le rona lefatshe la re metsa.
35. Ha tswa mollo ho Jehova, wa timeletsa banna bao ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba neng ba hlahisa dibano.
36. Jehova a bua le Moshe, a re:
37. Bolella Eleasare, mora wa moprista Aarone, hore a bokelle dipitsa tsa dibano moo ho tjheleng, mollo wa tsona o lahlelwe hole; hobane ke ntho tse halaleditsweng.
38. Dipitsa tsa banna bao ba sitetsweng bophelo ba bona, ho etswe ka tsona makapa a diphara a ho kwahela aletare; hobane di ile tsa hlahiswa pela Jehova; ka baka leo, di kgethehile; e tla nne e be pontsho ho bana ba Iseraele.
39. Yaba moprista Eleasare o nka dipitsa tsa koporo, tseo banna bao ba tjhesitsweng ba neng ba di hlahisitse, mme tsa etswa makapa a diphara a ho kwahela aletare.